Luka
Khaolo 5:30-36
BIBELE e Halalelang
30Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?
31Jesu a araba, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka; empa e batlwa ke ba kulang.
32Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.
33Yaba ba re ho yena: Barutuwa ba Johanne ba itimelang dijo hangata, ba etsetsang merapelo, le ba bafarisi ba etsetsang jwalo le bona, kanthe ba hao ba ja, ba nwa?
34A re ho bona: Na le ka re, balekane ba monyadi ba itime dijo, ha monyadi a sa na le bona na?
35Empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo matsatsing ao.
36Hape, a ba bolella setshwantsho, a re: Ha ho motho ya ka tabolang setsiba seaparong se setjha ho se rokella seaparong se tsofetseng; ha ho ka etswa jwalo, se setjha se ka hahola se tsofetseng; hape, setsiba se setjha se ke ke sa dumellana le ho tsofetseng.