Luka
Khaolo 6:25-31
BIBELE e Halalelang
25Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla lla, le be le bokolle.
26Ho madimabe lona, mohla batho bohle ba le rorisang, hobane bontata bona ba ne ba etsa baporofeta ba bohata jwalo.
27Empa ke re ho lona ba mamelang: Ratang bao e leng dira ho lona; ba le hloyang le ba etse hantle.
28Hlohonolofatsang le ba le rohakang, mme le rapelle ba le tsohelang matla.
29Ya o jabelang lerama, o mo sekehele le leng; ya o amohang kobo, o se ke wa mo hanela le kojwana.
30Nea e mong le e mong ya qelang ho wena, mme ha motho a o hlakotse tsa hao, o se ke wa boela wa di lata ho yena.
31Jwalokaha le rata ho etswa ke batho, ba etseng jwalo le lona.