Luka
Khaolo 6:30-36
BIBELE e Halalelang
30Nea e mong le e mong ya qelang ho wena, mme ha motho a o hlakotse tsa hao, o se ke wa boela wa di lata ho yena.
31Jwalokaha le rata ho etswa ke batho, ba etseng jwalo le lona.
32Hobane ekare ha le rata ba le ratang, ho bokwa ha lona ke hofe na? Athe baetsadibe le bona ba rata ba ba ratang.
33Ekare ha le etsa hantle ba le etsang hantle, ho bokwa ha lona ke hofe na? Athe baetsadibe le bona ba etsa jwalo.
34Ha le adimana le bao le tshepang hoba le tla boela le nke ho bona, ho bokwa ha lona ke hofe na? Athe baetsadibe le bona ba adimana le baetsadibe, ba tle ba boele ba nke ho lekanang le ha bona.
35Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.
36Mme jwale, ebang lereko, jwalokaha Ntata lona le yena a le lereko.