Luka
Khaolo 6:33-39
BIBELE e Halalelang
33Ekare ha le etsa hantle ba le etsang hantle, ho bokwa ha lona ke hofe na? Athe baetsadibe le bona ba etsa jwalo.
34Ha le adimana le bao le tshepang hoba le tla boela le nke ho bona, ho bokwa ha lona ke hofe na? Athe baetsadibe le bona ba adimana le baetsadibe, ba tle ba boele ba nke ho lekanang le ha bona.
35Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.
36Mme jwale, ebang lereko, jwalokaha Ntata lona le yena a le lereko.
37Hape, se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa; le se ke la tswa, le tle le se ke la tsuwa; rekolohelang, mme le tla rekolohelwa;
38fanang, mme le tla fuwa; le tla felwa sefubeng ka tekanyo e kgolo, e hlohlilweng, e katilweng, e tsholohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanngwa ka yona le lona.
39A ba bolella setshwantsho, a re: Na sefofu se ka tsamaisa sefofu se seng na? Di ke ke tsa wela sekoting tse pedi na?