Luka
Khaolo 6:4-10
BIBELE e Halalelang
4kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a nka mahobe a pontsha, a a ja, a nea le ba nang le yena, leha a sa lokele ho jewa ke motho, haese ke baprista ba nnotshi?
5A ba a re ho bona: Mora motho ke morena le wa Sabatha.
6Ka Sabatha e nngwe hape, o ne a kene sinagogeng, a ruta; mme motho o ne a le teng, ya letsoho le letona le omeletseng.
7Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha na, ba tle ba fumane seo ba ka mo qosang ka sona.
8Empa o ne a tseba mehopolo ya bona, a ba a re ho motho ya letsoho le omeletseng: Tsoha, o eme hare. Yaba o tsoha, a ema.
9Jwale, Jesu a re ho bona: Ha nke ke le botse taba. Na haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho, kapa ho mmolaya, ho loketseng Sabatha ke hofe na?
10Eitse hobane a ba habanye bohle, a re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A etsa jwalo; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.