Luka
Khaolo 6:43-49
BIBELE e Halalelang
43Hobane ha ho sefate se monate se ka behang ditholwana tse mpe, leha e le sefate se sebe se ka behang ditholwana tse monate.
44Efela sefate se seng le se seng se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Hobane difeiye di ke ke tsa kgolwa meutlweng, le morara o ke ke wa kgolwa dibajweng.
45Motho ya molemo o ntsha ditaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme motho e mobe o ntsha ditaba tse mpe letlotlong le lebe la pelo ya hae; hobane molomo wa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.
46Na le mpiletsang Morena! Morena! kanthe ha le etse tseo ke di bolelang?
47E mong le e mong ya tlang ho nna, ya utlwang dipolelo tsa ka, mme a di etsa, ke tla le lekanyetsa eo a tshwanang le yena.
48O tshwana le motho ya hahang ntlo, eo, eitseng ha a tjheka moralo, a o etsa sekoti, a e thea letlapeng; yare sekgohola ha se etla, phororo ya otla ntlo eo, empa e se ke ya e sisinya, kahobane e theilwe letlapeng.
49Empa ya utlwang, mme a sa etse, o tshwana le motho ya hahileng ntlo ya hae hodima mobu, e se na motheo; yare ha phororo e e kgahlela, ya phakisa ya wa, mme ho senyeha ha ntlo eo ya eba ho hoholo.