Luka
Khaolo 7:20-26
BIBELE e Halalelang
20Banna bao, ha ba fihla ho yena, ba re: Johanne Mokolobetsi o re romile ho wena, a re: Na ke wena ya boletsweng, ho thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?
21Ka yona nako eo, Jesu o ne a fodisa ba bangata malwetse, le mafu a bona, le meya e mebe, mme ba bangata ba neng ba foufetse o ne a ba sitsa ka pono.
22Yaba Jesu o araba, a re ho bona: Eyang, le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme Evangeli e bolellwa mafutsana.
23Mme ho lehlohonolo ya sa tlo ka a kgoptjwa ho nna.
24Eitse hobane ba romilweng ke Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella bongata bakeng sa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang feelleng? A e ne e le lehlaka le tsukutlwang ke moya na?
25Le mpa le ne le ile ho bonang na? A e ne e le motho ya apereng dikobo? A e ne e le motho ya apereng dikobo tse bonolo na? Bonang ba apereng dikobo tsa bokgabane, ba iphepang ka tse monate, ba matlung a marena.
26Ana le ne le ile ho bonang na? A e ne e le moporofeta na? E, ke rialo ho lona, le hona e le ya fetisang moporofeta.