Luka
Khaolo 7:24-30
BIBELE e Halalelang
24Eitse hobane ba romilweng ke Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella bongata bakeng sa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang feelleng? A e ne e le lehlaka le tsukutlwang ke moya na?
25Le mpa le ne le ile ho bonang na? A e ne e le motho ya apereng dikobo? A e ne e le motho ya apereng dikobo tse bonolo na? Bonang ba apereng dikobo tsa bokgabane, ba iphepang ka tse monate, ba matlung a marena.
26Ana le ne le ile ho bonang na? A e ne e le moporofeta na? E, ke rialo ho lona, le hona e le ya fetisang moporofeta.
27Ke yena eo ho ngodilweng tsa hae, ha ho thwe: Bona, ke roma pela sefahleho sa hao lenqosa la ka, le tla lokisa tsela pela hao.
28Ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi, moporofeta e moholo ho Johanne Mokolobetsi ha a yo. Feela, e monyenyane mmusong wa Modimo o moholo yo Yena.
29Bohle ba mo utlwileng le balekgetho, ha ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne, ba tlotlisitse ho loka ha Modimo.
30Empa bafarisi le baruti ba molao ba itshenyeleditse morero wa Modimo, ha ba sa ka ba kolobetswa ke yena.