Luka
Khaolo 7:27-33
BIBELE e Halalelang
27Ke yena eo ho ngodilweng tsa hae, ha ho thwe: Bona, ke roma pela sefahleho sa hao lenqosa la ka, le tla lokisa tsela pela hao.
28Ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi, moporofeta e moholo ho Johanne Mokolobetsi ha a yo. Feela, e monyenyane mmusong wa Modimo o moholo yo Yena.
29Bohle ba mo utlwileng le balekgetho, ha ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne, ba tlotlisitse ho loka ha Modimo.
30Empa bafarisi le baruti ba molao ba itshenyeleditse morero wa Modimo, ha ba sa ka ba kolobetswa ke yena.
31Yaba Morena o re: Batho ba moloko wona ke tla ba lekanya le eng? ba tshwana le eng?
32Ba tshwana le bana ba dutseng lepatlelong, ba howanang, ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.
33Hobane Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: O na le motemona.