Luka
Khaolo 7:3-9
BIBELE e Halalelang
3Eitse ha a utlwa taba tsa Jesu, a roma baholo ba Bajuda ho yena, ho mo rapela hore a tle ho fodisa mohlanka wa hae.
4Ha ba fihla ho Jesu, ba mo rapela ka matla, ba re: O tshwanelwa ke ho rapela ka matla, ba re: O tshwanelwa ke ho etswa jwalo ke wena;
5hobane o rata setjhaba sa rona, e bile ke yena ya re hahetseng sinagoge.
6Yaba Jesu o ya le bona. Ha a se a le haufi le ntlo, molaodi wa lekgolo a roma metswalle ya hae ho yena, ho re ho yena: Morena, o se ke wa ikgathatsa; hobane ha ke a tshwanela hore o kene tlung ya ka.
7Ke ka baka leo ke itekantseng ya sa tshwaneleng ho ya ho wena; o mpe o bue polelo, mme mohlanka wa ka o tla fola.
8Hobane le nna, ke leng motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; ha ke re ho e mong: Eya, o a ye: Le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse.
9Eitse ha Jesu a utlwa taba tseo, a mo tsota; mme a retelehela ho bongata bo mo latetseng, a re: Ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.