Luka
Khaolo 7:32-38
BIBELE e Halalelang
32Ba tshwana le bana ba dutseng lepatlelong, ba howanang, ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.
33Hobane Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: O na le motemona.
34Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme le re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe.
35Empa bohlale bo ipaketswe ke bana ba jona bohle.
36Mofarisi e mong a mo rapela hore a tle ho ja le yena, mme Jesu a kena ka tlung ya mofarisi, a dula dijong.
37Mme bonang, mosadi wa motse, eo e neng e le moetsadibe, yare ha a utlwa hobane o dutse dijong tlung ya mofarisi, a tlisa pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo.
38A ema maotong a hae kamora hae, a ntse a lla; a qala ho mo kolobisa maoto ka meokgo ya hae, a ntoo a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae; a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.