Luka
Khaolo 8:14-20
BIBELE e Halalelang
14Tse wetseng meutlweng, ke ba utlwileng lentswe; empa ha ba ntse ba eya, ba pupetswa ke dipelaelo tsa lefatshe, le lerato la lefumo, le menyaka ya bophelo bona, mme ba se ke ba beha dijo.
15Mme tse wetseng mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka dipelo tse ntle, tse molemo; ba le boloka, mme ba beha dijo ka tiisetso.
16Ha ho motho, ekareng ha a hoteditse lebone, ya le kwahelang ka pitsa, leha e le ho le bea tlasa malao; empa o le hloma kandelareng, hore ba kenang ba bone lesedi.
17Hobane ha ho letho le sephiring, le sa tlo ka le bonahala, mme ha ho letho le patilweng, le sa tlo ka le tsejwa le ho hlahela pepeneng.
18Ka baka leo, bonang kamoo le utlwang kateng; hobane ho tla newa ya setseng a ena le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a lekanyang hoba o na le sona.
19Jwale, mmae le banababo ba tla ho yena; empa ba sitwa ho mo atamela ka baka la bongata.
20A tsebiswa, ha thwe: Mmao le banabeno ba eme kantle, ba rata ho o bona.