Luka
Khaolo 8:17-23
BIBELE e Halalelang
17Hobane ha ho letho le sephiring, le sa tlo ka le bonahala, mme ha ho letho le patilweng, le sa tlo ka le tsejwa le ho hlahela pepeneng.
18Ka baka leo, bonang kamoo le utlwang kateng; hobane ho tla newa ya setseng a ena le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a lekanyang hoba o na le sona.
19Jwale, mmae le banababo ba tla ho yena; empa ba sitwa ho mo atamela ka baka la bongata.
20A tsebiswa, ha thwe: Mmao le banabeno ba eme kantle, ba rata ho o bona.
21Empa a araba, a re ho bona: Mme le banabeso ke ba utlwang lentswe la Modimo, ba etsang ka lona.
22Ka tsatsi le leng, a kena sekepaneng le barutuwa ba hae; a re ho bona: A re tsheleleng mose wane. Mme ba tloha.
23Ba re ba sa ya, a ithoballa; mme sefefo sa moya sa ba tsohela letsheng, sekepana se ne se tlala metsi, mme ba ne ba tsielehile.