Luka
Khaolo 8:18-24
BIBELE e Halalelang
18Ka baka leo, bonang kamoo le utlwang kateng; hobane ho tla newa ya setseng a ena le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a lekanyang hoba o na le sona.
19Jwale, mmae le banababo ba tla ho yena; empa ba sitwa ho mo atamela ka baka la bongata.
20A tsebiswa, ha thwe: Mmao le banabeno ba eme kantle, ba rata ho o bona.
21Empa a araba, a re ho bona: Mme le banabeso ke ba utlwang lentswe la Modimo, ba etsang ka lona.
22Ka tsatsi le leng, a kena sekepaneng le barutuwa ba hae; a re ho bona: A re tsheleleng mose wane. Mme ba tloha.
23Ba re ba sa ya, a ithoballa; mme sefefo sa moya sa ba tsohela letsheng, sekepana se ne se tlala metsi, mme ba ne ba tsielehile.
24Yaba ba atamela, ba mo tsosa borokong, ba re: Monghadi, Monghadi, re a timela! Empa yena hobane a tsohe, a kgalemela moya le maqhubu a metsi; mme a kgutsa, ha esa hantle.