Luka
Khaolo 8:4-10
BIBELE e Halalelang
4Yare ha bongata ba boholo ba batho ba tswang metseng bo phuthehetse ho yena, a bua le bona ka setshwantsho, a re:
5Mojadi o ne a tswile ho ya jala dijalo tsa hae; eitse ha a ntse a jala, dijalo tse ding tsa wela pela tsela; tsa hatwa ke batho, mme dinonyana tsa lehodimo tsa di ja kaofela.
6Tse ding tsa wela majweng; tsa mela, tsa ba tsa pona ke ho hloka leswe.
7Tse ding tsa wela hara meutlwa; meutlwa ya mela hammoho le tsona, ya di pupetsa.
8Tse ding tsa wela mobung o motle; tsa mela, tsa beha ha lekgolo. Yare hobane a bolele tseo, a howa, a re: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
9Barutuwa ba hae ba mmotsa hore na setshwantsho seo se re eng?
10A re: Lona, le neilwe ho tseba diphiri tsa muso wa Modimo; ba bang ba mpa ba di utlwa ka ditshwantsho, hore ho boneng ba se ke ba bontshisa, le ho utlweng ba se ke ba utlwisisa.