Luka
Khaolo 8:53-56
BIBELE e Halalelang
53Mme ba mo tsheha, hobane ba ne ba tseba hoba o shwele.
54Empa yena a ba ntshetsa bohle kantle, a mo tshwara letsoho, a phahamisa lentswe, a re: Ngwanana, tsoha.
55Yaba moya wa hae o kgutlela ho yena, a tsoha kapele. Jesu a laela hore ba mo fe dijo.
56Batswadi ba hae ba tsota; a mpa a ba laela hore ba se ke ba bolella motho se entsweng.