Luka
Khaolo 8:7-13
BIBELE e Halalelang
7Tse ding tsa wela hara meutlwa; meutlwa ya mela hammoho le tsona, ya di pupetsa.
8Tse ding tsa wela mobung o motle; tsa mela, tsa beha ha lekgolo. Yare hobane a bolele tseo, a howa, a re: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
9Barutuwa ba hae ba mmotsa hore na setshwantsho seo se re eng?
10A re: Lona, le neilwe ho tseba diphiri tsa muso wa Modimo; ba bang ba mpa ba di utlwa ka ditshwantsho, hore ho boneng ba se ke ba bontshisa, le ho utlweng ba se ke ba utlwisisa.
11Jwale, setshwantsho ke sena: Dijalo, ke lentswe la Modimo;
12ba pela tsela ke ba utlwang; hamorao, Diabolose o a tle, a hlakole lentswe dipelong tsa bona, hore ba se ke ba dumela, le ho bolokeha.
13Ba majweng, ke bao e reng ha ba utlwile, ba amohele lentswe ka thabo; empa bao ha ba na metso, ke ba dumelang ka mehla e seng mekae; mme ere mohla moleko, ba kwenehe.