Luka
Khaolo 9:12-18
BIBELE e Halalelang
12Letsatsi ha le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: Kgutlisa bongata, ba tle ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, mme ba bone dijo teng, hobane mona re feelleng.
13Empa a re ho bona: Ba fepeng, e le lona. Ba re: Re na le mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi; haese hore e be rona re ka yang ho rekela setjhaba sena sohle dijo!
14Hobane e ne e batla ho ba banna ba dikete tse hlano. Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ba dudiseng ka dihlopha tsa ba mashome a mahlano.
15Ba etsa jwalo, mme ba ba dudisa kaofela.
16Yaba Jesu o nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, hore ba a abele bongata.
17Ba eja, ba kgora bohle; mme ha nkwa diroto tse leshome le metso e mmedi tse tletseng dingwathwana tse setseng.
18Ha a le kathoko, a rapela, a ena le barutuwa ba hae, a ba botsa, a re: Batho ba re, ke mang?