Luka
Khaolo 9:16-22
BIBELE e Halalelang
16Yaba Jesu o nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, hore ba a abele bongata.
17Ba eja, ba kgora bohle; mme ha nkwa diroto tse leshome le metso e mmedi tse tletseng dingwathwana tse setseng.
18Ha a le kathoko, a rapela, a ena le barutuwa ba hae, a ba botsa, a re: Batho ba re, ke mang?
19Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang: O Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re: O Elia; empa ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.
20A re ho bona: Lona, le re ke mang? Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste wa Modimo.
21A mpa a ba laya haholo, hore ba se ke ba bolella motho jwalo;
22a re: E ka kgona Mora motho a utlwe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le ke bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha bafung ka letsatsi la boraro.