Luka
Khaolo 9:29-35
BIBELE e Halalelang
29A re a sa ntse a rapela, ponahalo ya sefahleho sa hae ya fetoha, mme diaparo tsa hae tsa sweufala, tsa kganya.
30Banna ba babedi ba eba teng moo, ba buisana le yena, e le Moshe le Elia,
31ba hlahile ka kganya; ba ne ba bolela lefu la hae, leo a tla le phetha Jerusalema.
32Empa Petrose, le ba nang le yena, ba ne ba tshwerwe ke boroko. Yare ha ba tsoha, ba bona kganya ya hae, le banna ba babedi ba nang le yena.
33Bao ba re ba sa tloha ho yena, Petrose a bolella Jesu, a re: Monghadi, ho molemo ha re ka dula mona; a re etseng metlotlwane e meraro; o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia. O ne a sa tsebe seo a se bolelang.
34Yare a sa rialo, leru la hlaha, la ba kgurumetsa; mme ba tshwarwa ke tshabo, ha bao ba kena lerung.
35Yaba lentswe le tswa lerung, la re: Ke enwa Mora ka ya ratwang, mo utlweng.