Luka
Khaolo 9:3-9
BIBELE e Halalelang
3a re ho bona: Le se ke la nkela tsela letho, leha e le mare, leha e le mokotla, kapa bohobe, kapa tjhelete, le hona le se ke la ba le dikobo tse pedi.
4Ntlo efe le efe eo le tla kena ho yona, le dule teng, le be le tlohe teng.
5Haele bohle ba sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole la dieta tsa lona, e be bopaki ho bona.
6Yaba ba tswa, ba ya le metse le metsana, ba bolela Evangeli, ba fodisa batho kahohle.
7Heroda moteterareke a utlwa tsohle tse entsweng ke Jesu, mme a tsieleha, hobane ba bang ba ne ba re: Johanne o tsohile bafung,
8ba bang ba re: Elia o hlahile; mme ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.
9Empa Heroda o ne a re: Haele Johanne ke mo kgaotse hlooho, nna; mme jwale, eo ke mang eo ke utlwang ditaba tse kalo hodima hae? Mme o ne a rata a ka mmona.