Luka
Khaolo 9:36-42
BIBELE e Halalelang
36Yare lentswe leo le sa bua, Jesu a sala a nnotshi. Barutuwa ba kgutsa, ba se ke ba bolella motho, mehleng eo, letho la tseo ba di boneng.
37Yare hosasa, ha ba theoha thabeng, bongata bo boholo ba mo kgahlanyetsa.
38Monna e mong ya hara bongata a howa, a re: Moruti, ke a o rapela, tadima mora ka; hobane o nnotshi ho nna.
39O ka bona, moya o ye o mo tshware; ebe ke ha a se a bokolla; o mo sisinye haholo, o mo ntshise makweba, mme o hane ho mo tlohela, leha o se o mo tepeleditse hampe.
40Ke rapetse barutuwa ba hao, ka re, ba o leleke; ba mpa ba sitwa.
41Jesu a bua, a re: Wee! moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? ke tla le behela pelo ho le hokae na? Tlisa mora wa hao mona.
42A re a sa tla, motemona a mo idibanya, a ba a mmipetsa; empa Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, mme a mo nea ntatae.