Luka
Khaolo 9:4-10
BIBELE e Halalelang
4Ntlo efe le efe eo le tla kena ho yona, le dule teng, le be le tlohe teng.
5Haele bohle ba sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole la dieta tsa lona, e be bopaki ho bona.
6Yaba ba tswa, ba ya le metse le metsana, ba bolela Evangeli, ba fodisa batho kahohle.
7Heroda moteterareke a utlwa tsohle tse entsweng ke Jesu, mme a tsieleha, hobane ba bang ba ne ba re: Johanne o tsohile bafung,
8ba bang ba re: Elia o hlahile; mme ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.
9Empa Heroda o ne a re: Haele Johanne ke mo kgaotse hlooho, nna; mme jwale, eo ke mang eo ke utlwang ditaba tse kalo hodima hae? Mme o ne a rata a ka mmona.
10Yare ha baapostola ba kgutlile, ba bolella Jesu tsohle tseo ba di entseng; mme a ba nka le yena, a ya le bona kathoko, lefeelleng le bapileng le motse o bitswang Bethsaida.