Luka
Khaolo 9:41-47
BIBELE e Halalelang
41Jesu a bua, a re: Wee! moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? ke tla le behela pelo ho le hokae na? Tlisa mora wa hao mona.
42A re a sa tla, motemona a mo idibanya, a ba a mmipetsa; empa Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, mme a mo nea ntatae.
43Mme bohle ba tsota borena bo matla ba Modimo.Bohle ha ba tsota tsohle tseo Jesu a di etsang, a bolella barutuwa ba hae, a re:
44Le ikenye ditaba tsena ditsebeng tsa lona. Hobane Mora motho o ya neelwa matsohong a batho.
45Empa ha ba ka ba utlwisisa polelo eo, ya ba sirela, hore ba se ke ba e utlwisisa, mme ba tshaba ho mmotsa hodima lentswe leo.
46Ha hlaha kgang hara bona, ya ho tseba hore e moholo hara bona ke mang.
47Eitse Jesu ha a bona mehopolo ya dipelo tsa bona, a nka ngwana, a mmea pela hae,