Luka
Khaolo 9:47-53
BIBELE e Halalelang
47Eitse Jesu ha a bona mehopolo ya dipelo tsa bona, a nka ngwana, a mmea pela hae,
48a re ho bona: E mong le e mong ya amohelang ngwana eo ka lebitso la ka, o amohela nna; mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng; hobane eo e leng e monyenyane ho lona bohle, ke yena eo e leng e moholo.
49Yaba Johanne o bua, a re: Monghadi, re bone e mong ya lelekang batemona ka lebitso la hao, mme re mo hanetse, hobane ha a o latele hammoho le rona.
50Empa Jesu a re ho yena: Le se ke la mo hanela; hobane ya sa re lwantsheng, o a re lwanela.
51Yare matsatsi ao a tla nkelwa kganyeng ka wona ha a ntse a atamela, a itiisa ho ya Jerusalema.
52A roma manqosa a mo etellang pele; bao ba tloha, ba kena motseng wa Basamaria, ho mo lokisetsa.
53Empa ba teng ha ba ka ba mo amohela, kahobane sefahleho sa hae se ne se lebile nqa Jerusalema.