Baheberu
Khaolo 10
BIBELE e Halalelang
1Hobane molao erekaha o ne o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha, e seng sebele sa dintho, o sitilwe ruri ho phethisa barapedi ka mahlabelo a hlahiswang ka selemo se seng le se seng.
2Hola ha ho jwalo, ha ke re, a ka be a lesitswe ho hlahiswa, hobane barapedi, ha ba se ba hlatswehile, ba ne ba ke ke ba hlola ba sa na le letswalo la dibe?
3Empa mahlabelong ao ho boetse ha hopolwa dibe ka selemo se seng le se seng.
4Hobane madi a dipoho le a diphooko a sitwa ruri ho tlosa dibe.
5Ka baka leo, mohla a tla tla lefatsheng, o itse: Ha o a ka wa rata sehlabelo, leha e le nyehelo, empa o ntokiseditse mmele.
6Ha o a ka wa kgahliswa ke ditjheso le ke mahlabelo a etswang ka baka la sebe.
7Jwale ka re: Bona, Modimo, ke tlile ho etsa thato ya hao; jwalokaha ho ngodilwe taba tsa ka bukeng.
8Ha a setse a boletse pele, a re: Ha o a ka wa rata sehlabelo, le nyehelo, le ditjheso, le mahlabelo a etswang ka baka la sebe, mme ha o a ka wa kgahliswa ke tsona — athe ke tsona ntho tse hlahiswang ka molao —
9ke moo a itseng: Bona, Modimo, ke tlile ho etsa thato ya hao. Ha a rialo, o fedisa sa pele, mme o hloma sa bobedi.
10Ke ka yona thato eo re halaleditsweng ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se entsweng hang.
11Haele moprista e mong le e mong, o ntse a ema ka matsatsi wohle ho sebeletsa Modimo, mme o hlahisa hangata mahlabelo a le mang, a sa tsebeng le hanyenyane ho tlose dibe.
12Empa yena, hobane a hlahise sehlabelo se le seng ka baka la dibe, o ituletse ka ho sa feleng letsohong le letona la Modimo,
13a lebeletse ho sa ntseng ho tla etsahala, e leng hore bao e leng dira ho yena ba bewe bonamelo ba maoto a hae.
14Hobane ka sehlabelo se le seng o phethisitse ka ho sa feleng bao a ba halaleditseng.
15Ke seo Moya o Halalelang le wona o re pakelang sona; hobane ha o se o boletse ka ho re:
16Selekane ke sena seo ke tla se etsa le bona kamora ditshiu tseo, ho rialo Morena; ke tla kenya melao ya ka dipelong tsa bona, ke e ngole dikelellong tsa bona, o eketsa o re:
17Ha nka ke ka hlola ke sa hopola dibe tsa bona le ditlolo tsa bona.
18Efela moo teselo ya dibe e leng teng, ha ho sa batlwa sehlabelo ka baka la dibe.