Baheberu
Khaolo 4
BIBELE e Halalelang
1A re tshabeng ke hona, haele moo pallo ya ho kena phomolong ya wona e sa le teng, esebe e mong wa rona a ka bonahala hoba eka o haeletswe ke yona.
2Hobane le rona, re boleletswe Evangeli jwaloka bona; empa bao, lentswe leo ba le utlwileng ha le a ka la ba thusa letho, ka baka la hobane ha le a ka la fihlelana le tumelo pelong tsa ba le utlwileng.
3Empa haele rona ba dumetseng, re tla kena phomolong, kamoo o itseng kateng: Ka baka leo ke hlapantse kgalefong ya ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka! Athe mesebetsi ya Modimo esale e phetheha popong ya dintho tsohle.
4Hobane ha o bolela letsatsi la bosupa, o itse lengolong le leng: Modimo o phomotse mesebetsing yohle ya wona ka letsatsi la bosupa.
5Hape hona mona o re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka!
6Jwale, haele moo ba bang ba tla kena ho yona, athe ba boleletsweng Evangeli pele ha ba ka ba kena ke ho se dumele.
7Modimo o boetse o beile letsatsi le leng, e leng la kajeno, ha o bolela ka molomo wa Davida, kamora ditshiu tse ngata, o re: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona.
8Hobane holane Joshua o ba kentse phomolong, Modimo o ka be o sa ka wa bolela le leng letsatsi.
9Ha ho le jwalo, phomolo e teng e saletseng setjhaba sa Modimo.
10Hobane ya keneng phomolong ya wona, le yena o phomotse mesebetsing ya hae, jwaloka Modimo ha o phomotse mesebetsing ya wona.
11A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.
12Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, mme le fetisa ka bohale disabole tsohle tse leoditsweng ka nqa tse pedi; mme le a hlaba, le ye ho kena le dikgaohanong tsa pelo le tsa moya, le manonyellong le mokong; mme le ahlola maikutlo le mehopolo ya pelo.
13Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.