Baheberu
Khaolo 10:19-25
BIBELE e Halalelang
19Ka baka leo, banabeso, erekaha re neilwe sebaka sa ho kena sehalalelong, re se na tshabo, ka madi a Jesu.
20e leng tsela e ntjha e isang bophelong, eo a re hleketseng yona, e phunyang lesira, ke ho re, nama ya hae;
21mme erekaha re ena le moprista wa rona e moholo, ya beilweng tlung ya Modimo,
22a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.
23A re tiiseng kano ya tumelo ya rona, re se na ho sisinyeha; hobane ya re tshepisitseng o a tshepeha.
24A re lebelaneng, re tle re isane ka tjheseho leratong le mesebetsing e metle.
25Re se ke ra ngala diphutheho tsa rona, kamoo e leng mokgwa wa ba bang kateng; re mpe re kgothatsane, haholo etswe le bona letsatsi le ntse le atamela.