Baheberu
Khaolo 10:29-35
BIBELE e Halalelang
29ha le bona, eo e leng ya hataketseng Mora Modimo ka maoto, ya entseng madi a selekane ao a hlatswitsweng ka wona ntho feela, ya nyefotseng Moya wa mohau, yena ho tla lekanngwa hoba o tshwanelwa ke kotlo e fetisang hakakang!
30Etswe re tseba ya itseng: Phetetso ke ya ka, ke tla ipheteletsa e le nna, ho itswalo ke Morena. Mme hape ho itswe: Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.
31Ke ntho e tshabehang ho wela matsohong a Modimo o phelang.
32Le nne le hopole mehla ya pele, eo eitseng hobane le bonesetswe, la hla la mamella ntwa e kgolo ya bohloko.
33Ka nqa e nngwe, la hoboswa pepeneneng ka mahlapa le ka dihloriso, mme ka nqa e nngwe la ba balekane ba ba etswang tse jwalo.
34Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.
35Ka baka leo, le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.