Baheberu
Khaolo 11:9-15
BIBELE e Halalelang
9Ka tumelo, o kile a dula ka mokgwa wa mojaki naheng eo a e baletsweng, a aha ditenteng le Isaaka le Jakobo, bao e bileng majalefa le yena a pallo e le nngwe;
10hobane o ne a lebeletse motse o nang le motheo, oo Modimo e leng mohahi le mothei wa wona.
11Ka tumelo, Sara le yena o filwe matla a ho emola peo, a ba a tswala a se a tsofetse, kahobane a ne a dumetse hoba ya mmaletseng ke ya tshepehang.
12Ka baka leo, ho kile ha hlaha ka motho a le mong, ya seng a itjhweletse, bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo le lehlabathe le se nang ho balwa le lebopong la lewatle.
13Bao bohle ba shwele ka tumelo, ba eso ho newe tseo ba di baletsweng, ba mpa ba di bonetse hole, ba di dumetse, ba di dumedisitse, mme ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatsheng.
14Ba buang jwalo ba bonahala hoba ba batla moo e tla ba ha habo.
15Efela hojane ba ne ba sa hopotse lefatshe leo ba faletseng ho lona, ba ne ba na le sebaka sa ho kgutlela teng.