Baheberu
Khaolo 12:12-18
BIBELE e Halalelang
12A le ke le tiiseng ke hona matsoho a tepeletseng le mangwele a tetemang;
13mme le etsetse maoto a lona ditsela tse lokileng, hore se hlotsang se se ke sa nonyetsehela ruri, se mpe se fole.
14Phehellang, ho bale kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.
15Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.
16Ho se ke ha eba e mong e leng mofebi, leha e le ya etsang ditaba tsa Modimo bosawana, jwaloka Esau, ya neng a bapatse ka boholo ba hae ba ho tswalwa, a reka sejonyana se le seng feela.
17Athe le a tseba hobane hamorao, ha a ratile ho fuwa lefa la hlohonolofalo, o kile a hanwa, mme leha a kile a e batla ka meokgo, ha a ka a bona sebaka sa phetoho.
18Hobane ha le a tla thabeng e ka angwang ka letsoho, leha e le mollong o tjhesang, leha e le lerung le letsho, leha e le lefifing, leha e le sefefong,