Baheberu
Khaolo 12:20-26
BIBELE e Halalelang
20Hobane ba ne ba imelwa ke taelo e itseng: Ekasita e le phoofolo ha e ka ama thaba, e bolawe ka majwe.
21Mme ka baka la ho tshabeha ha se bonahalang, Moshe le yena o kile a re: Ke tshohile hampe, ke a thothomela.
22Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, Jerusalema wa lehodimo, diketeng tsa dikete tsa mangeloi,
23phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,
24ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.
25Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?
26Eo lentswe la hae le kileng la sisinya lefatshe mohla monene, mme le jwale o sa baletse batho, a re: Ke sa tla be ke sisinye hang hape, e seng lefatshe feela, empa e leng le lona lehodimo.