Baheberu
Khaolo 13:9-15
BIBELE e Halalelang
9Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.
10Re na le aletare eo ba sebeletsang tabernakeleng ba se nang tokelo ya ho jela ho yona.
11Ditopo tsa dikgomo tseo madi a tsona a nkelwang sehalalelong ke moprista e moholo ka baka la dibe, di tjheswa kantle ho setsha sa ditente.
12Ka baka leo, Jesu le yena, a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae, o kile a shwela kantle ho monyako wa motse.
13Ka baka leo, re ke re tsweleng ho yena kantle ho setsha sa ditente, re ntse re jere sekgobo sa hae.
14Hobane mona, ha re na motse o tiyang, empa re batla o tlang ho hlaha.
15Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.