Baheberu
Khaolo 2:2-8
BIBELE e Halalelang
2Hobane ha esitile lentswe le boletsweng ka mangeloi le sa ka la lesa ho tiya, mme ho tlola le ho se utlwe hohle ha ba ha hlahelwa ke moputso o ho lekanang,
3ana re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho bolelwa pele ke Morena, ya ntoo tiiswa ho rona ke ba e utlwileng,
4ha Modimo o ntse o omela hammoho le bona ka dipontsho, le meeka, le diketso tse ngata tse matla, le ka dineo tse ajwang ke Moya o Halalelang, kamoo o ratang kateng?
5Hobane lefatshe le tlang ho tla leo re le bolelang, ha o a ka wa le bea pusong ya mangeloi.
6Empa e mong o pakile lengolong le leng, a re: Motho keng ha o tla mo hopola, kapa ngwana motho keng ha o tla mo hlokomela?
7O mmeile ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi; a mo rwesitse moqhaka wa kganya le wa hlompho, mme o mmeile ho busa mesebetsi ya matsoho a hao.
8O beile ntho tsohle katlasa maoto a hae. Mme ha ho thwe: Tsohle di beilwe katlasa hae, ha ho a leswa letho le sa bewang katlasa hae; athe ha re eso ho bone jwale hoba tsohle di beilwe katlasa hae.