Baheberu
Khaolo 3:13-19
BIBELE e Halalelang
13le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: Kajeno! esebe e mong ho lona a ithatafatsa ka thetso ya sebe.
14Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;
15ha ho ntse ho thwe: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla phephetso.
16Na ba le utlwileng, ba ba ba o phephetsa, ke bafe? Na hase bohle ba tlohileng Egepeta ka Moshe?
17Ana ba o halefisitseng ka dilemo tse mashome a mane ke bafe? Na hase ba sitilweng, bao ditopo tsa bona di wetseng feelleng?
18Mme ke ho bomang o kileng wa hlapanya hore ba ke ke ba kena phomolong ya wona, haese ho ba ikgantshitseng?
19Ke moo re bonang hore ba ne ba sitwe ho kena ke ho se dumele.