Baheberu
Khaolo 5:6-12
BIBELE e Halalelang
6Jwalokaha lengolong le leng ho itswe: Wena, o moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.
7 Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,
8leha e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng.
9Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,
10mme Modimo o mmoletse hore ke moprista e moholo, ka mokgwa wa Melkisedeke.
11Bakeng seo, re na le taba tse ngata tseo re ka di bolelang, empa di thata ho hlaloswa, ka hobane le fetohile ba botswa ho mameleng.
12Hobane ekabeba ke kgale le le baruti, athe le sa ntse le tshwanelwa ke ho rutwa ditaba tsa bonyenyane, tseo taba tsa Modimo di qalwang ka tsona; mme le fetohile batho ba tshwanelwang ke ho fepjwa ka lebese, e seng ka dijo tse tiileng.