Baheberu
Khaolo 6:4-10
BIBELE e Halalelang
4Hobane ba seng ba kile ba bonesetswa, ba lekileng neo ya lehodimo, ba filweng kabelo Moyeng o Halalelang,
5ba latswitseng lentswe le monate la Modimo, le matla a bophelo bo tlang ho tla,
6bao ha ba ka wa, ha ho kamoo ba ka boelang ba ntjhafatswa kateng, hore ba boele ba bake, hobane ba boela ba ithakgisetsa Mora Modimo, ba mo etsetsa nyediso.
7Hobane haele lefatshe le inwellang metsi a dipula tse le nelang hangata, le medisetsang bao le lemelwang bona meroho e molemo, lefatshe le jwalo le ye le fuwe lehlohonolo ke Modimo.
8Empa haele le medisang meutlwa le dibajwa feela, lona le ye le lahlwe, le okamelwe ke thohako, mme taba ya lona ya qetello ke ho tjheswa.
9Empa leha re bua jwalo, haele bakeng sa lona, baratuwa, re tshepile tse fetisang tseo ka botle, tse tshwanelang poloko.
10Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.