Baheberu
Khaolo 7:1-4
BIBELE e Halalelang
1Ke Melkisedeke eo, morena wa Saleme, le moprista wa Modimo o moholoholo, ya neng a ye ho kgahlanyetsa Abrahama, mohla a neng a sa tswa qhala marena, a ba a mo hlohonolofatsa;
2ke yena eo Abrahama a bileng a mo abela karolo ya leshome ya tsohle, — eo mabitso a hae ha a fetolwa, la pele le reng, morena wa ho loka, la bobedi le re, morena wa Saleme, e leng ho re, morena wa kgotso;
3ya se nang ntatae le mmae, ya se nang le leloko, leha e le qaleho ya ditshiu le qetello ya bophelo; empa e le ya entsweng ya tshwanang le Mora Modimo — e ya nne e sa le e le moprista ka ho sa feleng.
4A le ke le lemoheng boholo ba eo ntata rona moholo Abrahama a mo abetseng karolo ya leshome ya dintho tseo e neng a di hapile.