Baheberu
Khaolo 7:11-17
BIBELE e Halalelang
11Jwale, hojane phetheho e ne e setse e hlahile ka boprista ba Levi — athe molao o neilweng setjhaba o theilwe hodima jona — ana tshwanelo e ne e sa le efe ya hoba ho ka hlaha moprista e mong ya bitswang ka mokgwa wa Melkisedeke, e seng ka mokgwa wa Aarone?
12Hobane boprista ha bo fetohile, molao le wona e ka kgona o fetohe.
13Mme efela ya lekanngwang ka taba tseo ke wa leloko lesele le sa kang la eba le motho ya sebetsang aletareng;
14hobane ho tsejwa hoba Morena wa rona o hlahile lelokong la Juda, e leng leo Moshe a sa kang a le abela boprista.
15Mme moo hoo ho boetseng ho bonahalang ka ho fetisisa, ke ha ho hlahile moprista e mong hape ya tshwanang le Melkisedeke;
16ya sa bewang ka molao wa leloko la nama, empa e leng ka matla a bophelo bo se nang ho fela.
17Hobane Modimo o pakile, o itse: O moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.