Baheberu
Khaolo 7:21-27
BIBELE e Halalelang
21athe baprista bale ba pele ba beilwe ho se kano, empa yena o beilwe ka kano ke ya itseng ho yena: Morena o hlapantse, mme a ke ke a kweneha: O moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke —
22ke moo ho bonahalang hoba Jesu o beilwe mmuelli wa selekane se fetisang sa pele.
23Hape, haele baprista ba pele, ba nnile ba hlahlamana ba le bangata, kahobane lefu le ne le ba sitisa ho dula kamehla bopristeng.
24Empa yena, kahobane ke wa kamehla, o na le boprista bo sa abuweng.
25Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.
26Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;
27ya sa tshwanelang, jwaloka baprista ba baholo, ho hlahisa pele, ka matsatsi wohle, mahlabelo ka baka la dibe tsa hae, a ntoo hlahisa a dibe tsa setjhaba; hobane taba eo yena o e entse hang feela, mohla a ikentseng sehlabelo.