Baheberu
Khaolo 7:3-9
BIBELE e Halalelang
3ya se nang ntatae le mmae, ya se nang le leloko, leha e le qaleho ya ditshiu le qetello ya bophelo; empa e le ya entsweng ya tshwanang le Mora Modimo — e ya nne e sa le e le moprista ka ho sa feleng.
4A le ke le lemoheng boholo ba eo ntata rona moholo Abrahama a mo abetseng karolo ya leshome ya dintho tseo e neng a di hapile.
5Haele ba bara ba Levi ba amohelang boprista, ba na le molao wa ho nka karolo ya leshome ya ntho tsa setjhaba, ke ho re, tsa banababo bona, leha ba tswile le bona lethekeng la Abrahama.
6Empa ya sa balweng lelokong la bona, o nkile karolo ya leshome ho Abrahama, mme o hlohonolofaditse eo dipallo di etseditsweng yena.
7Athe ha ho motho ya ka hanang ha ho thwe, e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.
8Mme mona, ba nkang karolo ya leshome, ke batho ba shwang; empa mono, ya e nkileng, ke eo ho bolelwang hore o a phela.
9Mme ho ka thwe, esita le yena Levi, ya nkang karolo ya leshome, o ntshisitswe yona ka Abrahama;