Baheberu
Khaolo 7:6-12
BIBELE e Halalelang
6Empa ya sa balweng lelokong la bona, o nkile karolo ya leshome ho Abrahama, mme o hlohonolofaditse eo dipallo di etseditsweng yena.
7Athe ha ho motho ya ka hanang ha ho thwe, e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.
8Mme mona, ba nkang karolo ya leshome, ke batho ba shwang; empa mono, ya e nkileng, ke eo ho bolelwang hore o a phela.
9Mme ho ka thwe, esita le yena Levi, ya nkang karolo ya leshome, o ntshisitswe yona ka Abrahama;
10kahobane o ne a sa le lethekeng la ntatae moholo, Abrahama, mohla Melkisedeke a mo kgahlanyeditseng.
11Jwale, hojane phetheho e ne e setse e hlahile ka boprista ba Levi — athe molao o neilweng setjhaba o theilwe hodima jona — ana tshwanelo e ne e sa le efe ya hoba ho ka hlaha moprista e mong ya bitswang ka mokgwa wa Melkisedeke, e seng ka mokgwa wa Aarone?
12Hobane boprista ha bo fetohile, molao le wona e ka kgona o fetohe.