Baheberu
Khaolo 9:1-6
BIBELE e Halalelang
1Ha ho le jwalo, selekane sa pele se ne se na le melao ya tshebeletso, le sehalalelo e leng sa lefatshe.
2Hobane mohla tabernakele e emiswang, ho ne ho etswe sebaka sa pele, moo ho beilweng kandelare, le tafole, le mahobe a pontsha, mme baka seo se ne se bitswa sehalalelo.
3Mme kamora lesira la bobedi, e ne e le sebaka sa tabernakele se bitswang sehalaledisiso;
4se neng se na le aletare ya dibano ya kgauta, le areka ya selekane e apesitsweng hohle ka kgauta, moo ho kenntsweng pitsa ya kgauta e tshetsweng manna, le thupa ya Aarone e thuntseng, le matlapa a selekane.
5Kahodimo ho areka eo, ho ne ho le dikerubime tse kganyang, tse okametseng sekwahelo sa serapello. Empa jwale, hase sebaka sa ho bolela ntho tseo ka bonngwe.
6Ntho tseo, ha di ne di lokisitswe jwalo, baprista ba ne ba kena ka matsatsi wohle sebakeng sa pele sa tabernakele, ho etsa tsa tshebeletso ya Modimo teng;