Baheberu
Khaolo 9:15-21
BIBELE e Halalelang
15Ke ka baka leo Kreste e leng mmuelli wa selekane se setjha, hore lefu la hae ha le kenetse ho hlatswa ditlolo tse entsweng mehleng ya selekane sa pele, ba bitsitsweng ba fuwe lefa le sa feleng leo ba le baletsweng.
16Hobane moo testamente e leng teng, e ka kgona lefu la moreri wa yona le pakwe.
17Etswe taba tsa testamente di na le ho etsahala ha monga yona a shwele; empa moreri wa yona ha a sa le teng, ha ho etswe letho ka yona.
18Ka baka leo, le sa pele selekane ha se a ka sa etswa madi a le siyo.
19Hobane Moshe, enere mohla a boleletseng setjhaba kaofela ditaelo tsohle tsa molao, a nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo takilweng ka purepera, le hisopa, mme a foka buka le setjhaba sohle ka tsona,
20a re: Ke ana madi a selekane seo Modimo o se laetseng bakeng sa lona.
21A ntoo foka le yona tabernakele le dipitsa tsohle tsa tshebeletso ka madi.