Baroma
Khaolo 1:14-20
BIBELE e Halalelang
14Ke molato ho Bagerike le ho babarebare, ho ba bohlale le ho ba mawatla.
15Mme jwale, haele ka nna, ke itokisitse ho bolela Evangeli le ho lona ba leng Roma.
16Hobane ha ke na dihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Modimo a ho pholosa mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena Mogerike.
17Hobane ho loka ha Modimo ho kwaholotswe ka ho yona, ho tswang tumelong ho isang tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.
18Hobane bohale ba Modimo bo bonahala bo etswa lehodimong, ho otla nyefolo e nngwe le e nngwe, le bokgopo bo bong le bo bong ba batho, ba hatellang nnete ka bokgopo.
19Hobane se ka tsejwang sa Modimo se senotswe ka ho bona, etswe Modimo o ba senoletse sona.
20Hobane tse sa bonweng tsa wona, e leng matla a wona a kamehla le bomodimo ba wona, di bonahala haholo, haesale dintho di hlolwa, ha ho lemohuwa mesebetsi ya wona, e le hore ba tle ba hloke meitatolo.