Baroma
Khaolo 3
BIBELE e Halalelang
1Ha ho le jwalo, seo Mojuda a fetisang ba bang ka sona keng? kapa molemo wa lebollo ke ofe?
2O moholo ka nqa tsohle, haholo kahobane dipolelo tsa Modimo di tshepetswe bona.
3Hleka leha ba bang ho bona ba sa ka ba dumela, ho se dumele ha bona ho ka fosisa ho tshepeha ha Modimo na?
4Ho se be jwalo! Nnete e be ya Modimo, mme batho bohle ba be leshano, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O tle o fumanwe o lokile dipolelong tsa hao, mme o tle o hlole mohla o ahlolwang.
5Mme ha ho se loke ha rona ho bonahatsa ho loka ha Modimo, re tla reng moo? Na Modimo o kgopo ha o etsa ka kgalefo na?
6(Ke bolela ka mokgwa wa batho.) Ho se ke ha thualo! Hobane hojane ho le jwalo, na Modimo o bo o tla ahlola lefatshe jwang?
7Empa ekare ha nnete ya Modimo e bonahatswa ka leshano la ka, mme kganya ya wona e hodiswa ke hona, nna ke sa tswelwang jwaloka hoja ke le moetsadibe?
8Mme ha re etse keng bobe, botle bo tle bo hlahe? Kamoo re ntseng re etselletswa kateng, ke ba bang, ha ba bolela hore re rialo. Tsuo ya bao e lokile.
9Mme jwale, keng? Hleka re fetisa baditjhaba na? Tjhe, le hanyenyane; hobane re se re bontshitse pele hore bohle, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, ba sebeng,
10jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ha ho ya lokileng, leha a le mong;
11ha ho ya nang le kutlwisiso, ha ho ya batlang Modimo;
12bohle ba kgelohile, bohle hammoho ba ikentse ntho ya lefeela; ha ho ya etsang botle, leha a le mong;
13mmetso ya bona ke lebitla le ahlamileng; ba thetsa ka maleme a bona; mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona;
14hanong ho bona ho tletse dihlapa le ho baba;
15maoto a bona a lebelo ho ya tsholla madi;
16tshenyo le bosenyehi bo ditseleng tsa bona;
17ha ba tsebe tsela ya kgotso;
18ho tshaba Modimo ha ho yo pela mahlo a bona.
19Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.
20Ka baka leo, ha ho nama, leha e le nngwe, e tlang ho bewa e lokileng pela wona ke mesebetsi ya molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ya sebe.