Baroma
Khaolo 11:12-18
BIBELE e Halalelang
12Mme ha ho kgoptjwa ha bona e bile lefumo la lefatshe, mme kokobelo ya bona e bile moruo wa baditjhaba, ho emiswa ha bona kaofela ho tla ba jwalo hakakang!
13Ke bolella lona baditjhaba, kahobane ke le moapostola wa baditjhaba, mme ke rorisa kabelo ya ka;
14mohlomong ke tle ke tsose ba nama ya ka ka mona, mme ke pholose ba bang ho bona.
15Hobane ha tahlo ya bona e bile poelano ya lefatshe le Modimo, kamohelo ya bona e tla ba eng, haese bophelo bo tswang bafung?
16Thakangwaha ha di halalela, mesaletsa le yona e jwalo; mme motso ha o halalela, makala le wona a jwalo.
17Ekare ha makala a mang a thefutswe, mme wena o neng o le mohlwaare wa naheng, o hlomilwe sebakeng sa wona, mme o kopantswe le motso, o fepjwa monono wa mohlware wa hae,
18o se ke wa ikgohomosa ho makala a teng; hobane leha o ka ikgohomosa, hase wena o jereng motso, empa motso ke wona o o jereng.