Baroma
Khaolo 11:22-28
BIBELE e Halalelang
22Ka baka leo, o lemohe mohau wa Modimo le bothata jwa wona; bothata hodima ba weleng, le mohau hodima hao, ha o tiisetsa molemong oo wa wona; hobane ha o sa tiisetse teng, o tla rengwa le wena.
23Le bona ha ba sa hlole ho se dumeleng ha bona, ba tla busetswa mohlwaareng; hobane Modimo o na le matla a ho ba busetsa teng.
24Hobane ekare ha wena, ya nkilweng mohlwaareng oo e neng e le wa naheng ka hlaho, o kentswe mohlwaareng wa hae ka mokgwa oo e seng wa hlaho, na bao e leng ba hlaho, ba tla kenngwa hakakang mohlwaareng oo e leng wa bona!
25Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.
26Mme ka mokgwa oo, Baiseraele bohle ba tla bolokeha, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Molopolli o tla tswa Sione, mme o tla tlosa nyefolo ho Jakobo;
27mme ke sona selekane seo ke tla ba etsetsa sona, mohla ke tlosang dibe tsa bona.
28Efela ka nqa ya Evangeli ke dira ka baka la lona, empa ka nqa ya boikgethelo, ke baratuwa ka baka la bontatemoholo.