Baroma
Khaolo 11:25-31
BIBELE e Halalelang
25Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.
26Mme ka mokgwa oo, Baiseraele bohle ba tla bolokeha, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Molopolli o tla tswa Sione, mme o tla tlosa nyefolo ho Jakobo;
27mme ke sona selekane seo ke tla ba etsetsa sona, mohla ke tlosang dibe tsa bona.
28Efela ka nqa ya Evangeli ke dira ka baka la lona, empa ka nqa ya boikgethelo, ke baratuwa ka baka la bontatemoholo.
29Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.
30Hobane jwalokaha le lona pele le ne le sa dumele Modimo, athe jwale le hauhetswe ka baka la ho se dumele ha bona,
31ka mokgwa o jwalo, le bona ba fetohile jwale ba sa dumeleng, ba tle ba hauhelwe le bona ka kgauhelo e le hlahetseng.