Baroma
Khaolo 12:1-7
BIBELE e Halalelang
1Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.
2Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.
3Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.
4Hobane, jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, mme ditho tsohle di se na tshebetso e le nngwe,
5ka mokgwa o jwalo, rona re leng bangata, re mmele o le mong ho Kreste, mme bohle re ditho ba bang tsa ba bang.
6Jwale, haele moo re ena le dineo tse sa tshwaneng, kamoo re filweng mohau kateng, ha ekaba re na le ho porofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;
7ya abetsweng tshebeletso, a tiye tshebeletsong; ya rutang, a tiye ho ruteng;